Let us know how it is going
7.‎1 BALA SEHLOOHO

Tatellano ya Overt–Motivator

Ho na le ntho e ngwe e etsahalang ha batho ba etsa di-overt se hlolosang haholo ka boitshwaro ba batho. Ho Scientology, sena se bitswa tatellano ya overt–motivator.

Ha ketso e kotsi e entsweng ho motho kgahlano le e mong e bitswa overt, kotsi e amohetsweng ke motho e bitswa motivator. E bitswa “motivator” hobane e “susumetsa” ho fa motho eo lebaka kapa ho lokafatsa wa ho etsa di-overt.

Motho ya amohetseng motivator a ka nahana ka hore o na le lebaka le letle la ho etsa ketso ya overt e totobetseng kgahlano le motho ya mo utlwisitseng bohloko. Hape, le ha a etsa ketso ya overt ntle le ho fumana motivator, o leka ho fumana kapa ho lora ka motivator ho leka ho hlalosa kapa ho emela ketso ya hae e kotsi. O dula a dumela kapa a bua leshano a re o hlahetswe ke ntho e mpe, leha e ne e sa etsahala.

Ha re sebetsana le di-overt le motivators, batho hangata ba fumana dikgopolo tse fosahetseng ka se hlileng se etsahetseng. Mohlala, motho a ka tsamaya hohle a dumela hore ke lehlasipa kotsing ya koloi, ha e le hantle, o bakile kotsi. Kapa a ka kgolwa hore o bakile kotsi ha a ne a hlile a le ka hara yona.

E re haeba Joe a otla Bill, joale Joe o dumela hore o lokela ho otlwa ke Bill. Ho bohlokwa le ho feta, o hlile o fumana bohloko ba mmele kapa ho se phele hantle ho paka o otlilwe ke Bill, leha Bill a so mo otle. Mme batho ba ya hohle ba re ba otlilwe jwang ke Bill, ba otlwa ke Bill, ba otlwa ke Bill, mme leha e so etsahale, batho ba bang ba tla tsitlella hore e etsahetse.

Eo ke tatellano ya overt–motivator.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape