Let us know how it is going
3.‎1 BALA SEHLOOHO

Di-ketso tsa Overt le Withholds

DI-OVERT

Ha motho e mong a etsa ntho e kotsi e kgahlano le melao ya khoutu ya maitshwaro ba dumellaneng ka yona, sena se bitswa ketso ya overt kapa, ho bonolo, ke overt.

Ena ke ketso efe kapa efe e kotsi eo motho a e entseng kgahlanong le yena, ba lelapa la hae, sehlopha sa hae, ntho efe kapa efe e phelang kapa dintho kapa thepa.

Overt ke ntho eo motho a e entseng eo a neng a ke ke a rata hore e mo etsahalle.

Overt e ka etswa ka morero kapa ka phoso.

Di-overt ha ho hlokahale hore di be kgolo. Ho hong ho bonolo jwalo ka ho itlhahisa morao kapa ho se etse mosebetsi o profeshenale mosebetsing ke overt. Ho feta moo di-overt di ka kenyelletsa disebediswa tse senyang, ho patela mookamedi wa hao dintho, ho nwa dithethefatsi tse seng molaong, ho nwa ha o kganna kapa ho seng jwalo ho tlola molao.

Ho feta mona overt ke ntho eo motho e mong a sa e etsang eo a neng a lokela ho e etsa.

Mohlala, ho bona ngwana a le haufi le ho otla ngwana e monyane mme le ho se emise kapa ho etsa ho hong ka yona, empa ho fapana le hona ho tsamaya ka tsela e nggwe, ekaba ketso ya overt.

Kahoo ketso ya overt ha e lematse ba bang feela. Ketso ya overt ke ho etsa ho hong (ketso ya thomello) kapa ho se etse ho hong (ketso ya ho tlohella) se thusang batho ba fokolang kapa dikarolo tsa bophelo kapa se kotsi ho batho ba bangata kapa dibaka tsa bophelo. Hona ho ka kenyelletsa lelapa la motho, sehlopha kapa sehlopha le Moloko wa Batho ka kakaretso.

Batho ba bangata ba nahana hore ketso efe kapa efe ke overt hobane feela e senya. Ho bona, diketso tsohle tse senyang kapa tse siilweng ke di-ketso tsa overt. Sena ha se nnete. Ho se senye ntho e ka ba ketso ya overt. Mohlala, noha e tjhefu e tlo loma ngwana e monyane e lokela ho utlwiswa bohloko molemong wa ho pholosa ngwana. Thuso ya ketso e kotsi kapa e senyang le yona e ka ba ketso ya overt, jwalo ka ho thusa dinokwane ho baleha mapolesa.

Ketso e molemo ke ntho e thusang ka bophara. E ka ba ketso e molemo ho senya ntho e ka bang kotsi ho batho ba bangata le dikarolong tsa bophelo.

Mohopolo wa ho se utlwise letho bohloko le ho thusa ntho engwe le engwe ka bobedi ke bohlanya. Ho thusa batho ba etsang bokgoba bathong ba bang ho ke ke ha nkuwa e le ketso e molemo kahoo e tla ba ketso ya overt. Empa ho bolaya bolwetse ho ka ba molemo mme ka hona ha se ketso ya overt.

WITHHOLDS

Overt eo motho a e entseng empa a sa bue ka yona kapa a e-so bolelle mang kapa mang e bitswa withhold. Withhold ka dinako tsohle e tla kamora overt.

Mohlala, mosadi ya utswang tjhelete ho mohiri wa hae o entse overt. Ha a bolelle mang kapa mang ka yona, ke hona ho etsang hore e be withhold.

Ka ho hanela overt, ho etsahala ntho e makatsang bathong: ba kgaotsa ho buisana le motho kapa dintho tseo ba di utswisitseng bohloko mme ba qetella ba ikgula (ho sutha kapa ho kgutlela morao) dibakeng tseo ba neng ba le mafolofolo ho tsona.

Ho Scientology, hona jwale ho na le disebediswa tsa ho rarolla mathata a hlahiswang ke diketso tsa overt le withholds, ho nolofalletsa batho ho ikutlwa hape e le karolo ya sehlopha le ho kgutlisa tshepo le setswalle sa ba bang.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape