Let us know how it is going
10.‎1 BALA SEHLOOHO

Tswelopele le ho Atleha

Ho na le mosebetsi o moholo o ntseng o tswela pele le batho ba bangata ba lokileng ba sebeletsang ho bopa bokamoso bo betere bakeng sa e mong le e mong.

Empa boholo ba seo ke ba nako e tlang. Jwale na o tla leta feela? Kapa na ho na le seo o ka se etsang hona jwale?

Hoteng: Etsa qeto ya ho tswelapele mme o atlehe! Mme o tswelepele o atlehe!

Ho Tswelapele ho bolela ho ba mafolofolo le ho etsa dintho. Ho bolela hore o kgona ho ba le phello e ntle ho batho le dinthong tse o potileng mme ho hlakile hore o a tswella.

Ho Atleha ho bolela hore o etsa hantle ka seo o se etsang. Ho boetse ho bolela hore o etsa tjhelete e ngata hore o tsebe ho lefa dikoloto tsohle le ho ba le tjhelete e setseng ho reka dintho tseo o di hlokang le ho etsa dintho tseo o batlang ho di etsa.

Ha ho na tsela e nngwe e tobileng le e matla ya ho hlola Motho ya Hatellang kapa motho wa kganyetso kapa setjhaba seo o dulang ho sona se hatellang batho ba sona ho feta ka ho tswelapele le ho atleha.

Seo Motho ya Hatellang kapa setjhaba se hatellang se lekang ho se etsa ke ho thibela batho ho tswelapele le ho atleha.

Ehlile, o tlameha ho sebetsana le ditshokelo kapa ditlhaselo. Empa o se ke wa kgokgothela ho tsona. Sebetsana le tsona, empa beha tlhokomelo ya hao ya mantlha ho etseng dintho tse tla etsa hore wena le sehlopha sa hao le be karolo ya tswelopele le katleho.

O ke ke wa nyamela bophelong. O ke ke wa fetoha lefeela (ntho e seng teng). Mme mokgwa o fosahetseng wa ho sebetsana le kgatello ke ho iketsa e monnyane mme o etse ho fokolang mme o se ke wa bonahala, ka tshepo ya hore ha o na ho hlokomelwa. Seo ke ho hlolwa ke Motho ya Hatellang kapa Mokgatlo.

Ho fapana le moo, hlola diteko tsa kgatello ka ho tswelapele le ho atleha!

Haeba ha o ntse o bala sena o fihletswe ke monahano wa hore haeba o ka tswelapele mme wa atleha, Motho ya Hatellang a ka hlasela haholwanyane le hore o tshwanela ho ba hlokolosi, o tlameha ho tseba hore batho ba nang le mehopolo e jwalo hangata ba tlasa kgatello e kgolo. Mme ba hloka ho fumana kgatello ena mme ba sebetsane le yona kapa ba e kgaohane.

Haeba o belaela kapa o na le dingongoreho ka ho tswelapele le ho atleha, o hloka ho hatolloha (fedisa kgatello) ka bowena!

Kahoo ho na le tlholo ya ho qetela (e ntle le ya ho qetela) ho feta sehlopha se seng le se seng se Hatellang.

Sebetsa sa ho qetela ke ho tswelapele le ho atleha.

Kahoo etsa jwalo.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape