Let us know how it is going
6.‎1 BALA SEHLOOHO

Lebaka la Motheo

Motho wa Botho ba Setjhaba ka tlhaho o sebeletsa ho etsa se molemo ka ho fetisisa.

Ha a kgathatsehe ke dira tse inahanelwang, empa o lemoha dira tsa nnete ha di le teng.

Motho wa Botho ba Setjhaba o batla ho phela mme o batla hore ba bang ba pholohe, ha Motho wa Botho ba ho Ikgesolla a hlile ka lekunutu a batla hore ba bang ba hlolehe.

Haele hantle, Motho wa Botho ba Setjhaba o batla hore ba bang ba thabe mme ba etse hantle, athe Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o hlalefile haholo ho etsa hore ba bang ba etse hampe haholo.

Ntlha ya bohlokwa mabapi le Motho wa Botho ba Setjhaba ha se katleho ya dintho tseo a di etsang, empa ke mabaka a hae a ho etsa dintho. Motho wa Botho ba Setjhaba, ha a atlehile, o hlaselwa hangata ke Motho wa Botho ba ho Ikgesolla mme ka lebaka lena, a ka hloleha. Empa Motho wa Botho ba Setjhaba o batla hore ba bang le bona ba atlehe, ha Motho wa Botho ba ho Ikgesolla a batla feela hore ba bang ba se atlehe.

Ntle leha re ka bona Motho wa Botho ba Setjhaba mme ra mo sireletsa mme ra bona le Motho wa Botho ba ho Ikgesolla le ho mo thibela ho utlwisa ba bang bohloko, setjhaba sa rona se tla tswela pele ho hlokofatswa ke bohlanya, botlokotsebe le ntwa, mme Motho le tswelopele di ke ke tsa phela.

Se ke wa senya Motho wa Botho ba Setjhaba—mme o seke wa sitwa ho etsa batho ba Botho ba ho Ikgesolla hore ba se be le matla boitekong ba bona ba ho utlwisa rona ba bang bohloko.

Hobane feela monna a phahama kahodimo ho balekane ba hae kapa a amohela mosebetsi wa bohlokwa ha ho mo etse Motho wa Botho ba ho Ikgesolla. Ka mokgwa o tshwanang, hobane monna a ka laola kapa a ba le bolaodi hodima ba bang ha ho mo etse Motho wa Botho ba ho Ikgesolla.

Ke mabaka a hae a ho etsa jwalo le se etsahalang ka lebaka la diketso tsa hae tse arohanyang Botho ba ho Ikgesolla ho Botho ba Setjhaba.

Ntle le ha re ka hlokomela le ho sebedisa ditshobotsi tsa nnete tsa mefuta e mmedi ya botho, re tla tswelapele ho phela re sa tsebe hore na dira tsa rona ke bo mang, mme ka ho etsa jwalo, re tshware metswalle ya rona hampe.

Batho bohle ba entse diketso tse mabifi kapa ba siile ho hong (ho sa tsotelle) tseo ba ka jariswang molato ka tsona. Ho Batho bohle, ha ho motho le a mong ya phethahetseng.

Empa ho na le ba lekang ho etsa se nepahetseng le ba ikgethileng ka ho etsa diphoso mme ka dintlha tsena le ditshobotsi o ka ba tseba.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape