Let us know how it is going
2.‎1 BALA SEHLOOHO

Ditshobotsi tsa Motho wa Botho ba ho Ikgesolla

Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o na le ditshobotsi tse latelang:

1. O bua feela ka kakaretso (dipolelo tse sa faneng ka dintlha). “Ba re…,” “Motho e mong le e mong o nahana…,” “Motho e mong le e mong wa tseba…” mme dipolelo tse tshwanang di sebediswa kgafetsa, haholo ha ho haswa ditaba tsa leshano. Mohlala, motho wa Botho ba ho Ikgesolla a ka jala leshano, jwalo ka “Ha ho motho ya ratang ho ya ntlong eo ya dijo; bohle ba e hloile.” Ha a botswa hore “Bohle ke mang?” o etsa e ka ke maikutlo a setjhaba sohle. Ka tlwaelo ho fumaneha hore ke motho a le mong feela ya buileng seo le hore motho eo ke motho wa Botho ba ho Ikgesolla ka boyena.

Hona ke ntho ya tlhaho ho motho wa Botho ba ho Ikgesolla, hobane ho yena setjhaba kaofela ke setjhaba se seholo, se lonya, se tsekisanang le Botho ba ho Ikgesolla.

2. Motho ya jwalo o sebetsana haholo le ditaba tse mpe, polelo e nyatsang kapa e lonya, ho qhella thoko (ho etsa hore motho a shebahale a fosahetse kapa a sa tshwanelehe) le kgatello e akaretsang (diketso tse hatellang ba bang, tse etsang hore ba hlolehe, jj.).

Ha ho na ditaba tse monate kapa pabatso e fetiswang ke motho ya jwalo.

Mohlala, a re re ngwanana e mong o ne a ithuta ho bapala piano. Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o tla fana ka maikutlo mabapi le hore na ngwanana o etsa diphoso jwang le ho bapala dintlha tse ngata tse fosahetseng (ho nyatsa) mme a re piano ke sesebediswa seo a se hloileng (polelo e kgopo) ebe o bolella ngwanana eo hore ha a na talenta ya mantlha mme a ke ke a hlola a bapetse piano hantle (kgatello).

3. Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o mpefatsa puisano ha a fetisa molaetsa kapa ditaba. Ditaba tse monate dia emiswa mme ke ditaba tse mpe feela, tseo hangata di eketswang, tse fetiswang.

Motho ya jwalo o iketsa eka o fetisa “ditaba tse mpe,” tseo ha e le hantle di qapilweng ke yena.

4. E nngwe ya dintho tse bohloko ka ho fetesisa ka Motho wa Botho ba ho Ikgesolla ke hore ha a ntlafale kapa a phele hantle ka lebaka la kalafo eo a e fumanang.

5. Ho potoloha motho wa botho bo jwalo, re fumana ditho tsa lelapa kapa metswalle e tshohileng kapa e kulang bao haeba ba sa fetolwe mahlanya, ba hlolehang.

Batho ba jwalo ba nnileng ba tshoswa kapa ba kudiswa ke batho ba Botho ba ho Ikgesolla, ba baka kgathatso ho ba bang.

Ha ba phekolwa kapa ba rutwa, batho ba hokahaneng le Botho ba ho Ikgesolla ha ba ntlafale mme ba dule ba ntlafetse jwalo kapa ha ba ikutlwe hantle ha nakwana mme ba dule ba ikutlwa hantle. Haufinyane ba qala ho kula hape kapa ba hloke ho thaba, ke ho ba tlasa kgatello ya Botho ba ho Ikgesolla.

Batho bana le bona ka tlwaelo ha ba hlaphohelwe ho kuleng ha mmele ka nako e lebelletsweng esita le ka kalafo. Ba ka mpa ba mpefala le ho hlaphohelwa ho fokolang.

Palo e kgolo ya batho hlanyang e fetoha mahlanya ka lebaka la dikgokahano tse jwalo tsa ho ikgesolla mme ha ba fole habonolo ka lebaka leo.

6. Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o dula a kgetha sepheyo se fosahetseng (sesosa sa dintho) bakeng sa kgalefo ya hae.

Haeba lebidi la koloi ya hae le bataletse ka ho kganna hodima dipekere, o rohaka motho ya tsamayang le yena—mohlodi o fosahetseng wa bothata. Haeba seya-le-moya sa moahisane se llela hodimo, o raha katse ya hae.

Haeba A ke sesosa se totobetseng, motho wa Botho ba ho Ikgesolla o beha molato ho B kapa C kapa D.

7. Motho wa Botho ba ho Ikgesolla a ke ke a qeta morero kapa ketso.

O pota-potwa ke merero e sa phethahalang le dintho tse qadilweng tse sa kang tsa phethwa.

8. Batho ba bangata ba Botho ba ho Ikgesolla ba ipolela diketso tsa bonokwane tse tshosang ka ho fetisisa, empa ha ba na moelelo wa boikarabello bakeng sa tsona.

Ketso tsa bona ha di amane le letho ho boikgethelo kapa diqeto tsa bona. Dintho di “iketsahalletse feela.”

Ha ba na kutlwisiso ya hore ba bakile ho hong, kahoo ha ba na dihlong kapa ho ikutlwa ba le molato ha ba entse phoso.

Mohlala, Motho wa Botho ba ho Ikgesolla a ka lahlela ntho e nngwe e boima ka ntle ho fensetere mohahong mme a utlwisa motho e mong ya emeng kantle bohloko. Ha a ka ke a ikutlwa eka o entse letho le phoso. O tla qosa motho eo feela ka ho feta pela fensetere ha a lahla ho hong.

9. Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o tshehetsa feela dihlopha tse timetsang mme o hlasela sehlopha leha e le sefe se hahang kapa sehlopha se sebetsang ho thusa batho.

10. Mofuta ona wa botho o amohela diketso tse senyang feela ebile o lwantshana le diketso kapa mesebetsi e hahang kapa e thusang.

Setshwantshisi, hangata, se hlaselwa le ho hatellwa ke batho ba Botho ba ho Ikgesolla, ba bonang bonono ba hae e le ntho e lokelang ho senngwa ebe, “jwalo ka motswalle,” o leka ho etsa jwalo a mo potile ka morao.

11. Ho thusa ba bang ke ketsahalo e kgannelang batho ba Botho ba ho Ikgesolla bohlanyeng. Mesebetsi e senyang lebitsong la ho thusa, yona e tshehetswa haholo.

12. Motho wa Botho ba ho Ikgesolla o na le maikutlo a mabe a hore na ke mang ya nang le thepa mme o nahana hore mohopolo wa hore mang kapa mang o na le seo e leng sa hae ke leshano le entsweng ho thetsa batho. Ho yena, ha ho na motho ya nang le letho.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape