Let us know how it is going
12.‎1 BALA SEHLOOHO

Boemo ba Matla

Boemo ba phahameng ka ho fitisisa ke Matla.

Matla a hlaloswa e le mmuso moo ho nang le tlhahiso e ngata hoo nakwana e emisang kapa e tebang e sitwang ho e hula kapa ho e sokela.

Tlhahiso e bolela ketso ya ho phethela ho hong. Ke ho phethela mosebetsi, morero kapa ntho e nang le thuso kapa e bohlokwa kapa e lokelwa ke ho etswa kapa hoba le yona.

Ho Boemo ba Matla, hona le boemo bo phahameng haholo ba tlhahiso bo ntseng bo tswela pele boemong boo bo phahameng. E nyolohetse mofuteng o motjha ka ho felletseng. Ho kanna ha ba le marothodi a nakwana, empa ho na le tlhahiso e ngata hoo tsena di sa beheng Boemo ba Matla kotsing.

Potso e ka botswa hore, “Na motho a le mong a ka etsa mosebetsi o mokae?” Kapa “Moahi a ka beha ditena tse kae ka letsatsi?”

Ehlile, motho a ka kgona ho sebetsa feela dihora tse eitseng ka letsatsi. A ka fumana tlhahiso e itseng feela ka letsatsi. Empa a ka fumana tlhahiso e lekaneng ka letsatsi ho iphidisa.

A ka etsa hore tlhahiso ya hae e be ngata hoo a ka nkang nako ya phomolo. Seo se latela kganya ya hae le bokgoni ba hae ba ho etsa dintho ntle le ho senya nako kapa boiteko.

Sebakeng se itseng se phahameng moahi a ka otla ditene tse itseng feela tseo a ka dikenyang. Ka ho eketsa tshebetso le katleho, a ka boloka boemo boo ba tlhahiso bo nyoloha, hanyane hanyane letsatsi ka leng.

Haeba o ntse a beha ditene tse ngata hoo ho seng motho ya tla nahana ho mo leleka, o Matla. Seo ke Boemo ba Matla ba motho.

Dipalo tsa Matla ke dipalo ka bongata bo phahameng haholo; mofuta o motjha ka mokgwa o Tlwaelehileng (tataiso e akaretsang ya ho hong).

Dipalo tsa Matla ha se feela dipalo tse ntseng di nyoloha ka nako e telele. Leha e le hore Matla ke dipalo tse phahameng haholo. Matla hase ntho ya beke-e le nngwe. Matla ke mokgwa.

Haeba o ne o ka etsa kerafo ya Boemo ba Matla, ene e tla shebahala ka tsela e tjena:

Fomula ya Matla

  1. Se ke wa hakolla (ho kgaotsa ho buisana kapa ho kopana le bong ba bang). Molao wa pele wa Boemo ba Matla ke hose kgaole. Seo se tla tlisa tlokotsi ho wena le ho mang kapa mang ya amehang.

    Batho ba halefa mme ba tletleba ka batho ba bang ba kgaotsang puisano le bona.

    Mohlala, nka moshanyana wa lehae toropong eo ka tshohanyetso a tummeng haholo. Kamora hoba a be le matla a maholo sebakeng sa kgwebo New York City, ha a ka a hlola a bua le metswalle ya hae e toporong ya kgale. Metswalle ya hae ya kgale ha ya thaba ka sena, ho batla ho sa kgonehe hore a ka bua le bona.

    Mona ke se etsahalang: haeba o kile wa ba sebakeng seo o neng o tsebahala haholo mme ka tshohanyetso wa ba motho ya tummeng, batho ba bang ba ke ke ba dumela hore o ntse o batla ho bua le bona. Ba tlwaetse batho ba sa sebedise mokgwa wa Fomula ya Matla ka nepo. Batho ba lebeletse ka botlalo hore o tlo roba karolo ya pele ya Boemo ba Matla, e leng “seke wa hakolla.” Ba nahana hore otlo hakolla.

    Kahoo, ha o se o le ho boemo ba Matla—o seke wa hakolla!

    O ka se latole feela (hana ho tseba le ho acknowledge) dikgokahano tsa hao.

    Seo o tlamehang ho se etsa ke ho hlokomela hore ke dihokelo tsa hao ebe o nka boikarabello bakeng sa tsona.

  2. Ngola mosebetsi wa hao kapa boemo ba hao.

    Mohatong ona o tlameha ho ngola pampiring hantle seo o se etsang mosebetsing wa hao le hore na oo etsa jwang. Hare re o ne o le moamohedi wa baeti ya atlehileng haholo, haholo hoo o ileng wa phahamiswa hoba morekisi khampaning ya hao. Ntho ya pele eo o lokelang ho e etsa ke ho ngola mosebetsi wohle wa hao jwaloka motho ya amohelang baeti.

    Hlokomela ho ngola kaofela mosebetsi wa hao mme o se ke wa fetwa ke letho. Haeba o sa etse jwalo, o tla sala le sengwathwana sa mosebetsi oo nako e telele ho ya pele. Selemo kapa ho feta, motho e mong o ntse a tla ho wena, ho botsa dipotso mabapi le ho etsa mosebetsi wa ho amohela baeti.

    Kaho ngola mosebetsi wa hao ka botlalo, o etsa hore ho kgonehe hore motho ya latelang a o nke le ho o boloka o le ho Boemo ba Matla. O tla tseba hantle diketso tseo a sa lokelang ho di fetola le hore na ke diketso dife tseo a lokelang ho tswelapele ho di etsa. Empa haeba o sa ngole dintho tsena, o tla di fetola, mme ke tsela e nepahetseng ka ho fetesisa eo otla qetella o kgutletse mosebetsing wa hao wa kgale hape hore o se ke wa—hlola o sutha ho ona hape.

    Boikarabello ba hao, ka nako eo, ke ho, ngola mosebetsi ebe oo isa matsohong a matho ya tla o etsa le ho etsa sohle se matleng a hao ho etsa hore mosebetsi o kgone ho tshwarwa ke motho e mong.

    Mohlala wa motho ya amohelang baeti ya ileng a phahamiswa empa a hulelwa mosebetsing wa hae wa kgale, a kanna are: “Batho bana ba batjha ba nkileng mosebetsi wa ho amohelo baeti ha ba na molemo. Ha ba tsotelle.”

    Jwale, pele a ka o tshwaya diphoso, o ne a lokela hore ebe o ile a ipotsa dipotso tsena: Na o kile a ngola mosebetsi? Na o kile a tlohela mosebetsi? Na oo siile o le ho boemo ba hore o ka tlohellwa? Mme kamora hore a tlohe, na o ile a etsa ketso ka ha eka mosebetsi ha o yo kapa na ka dinako tse ding o ile a tsamaya mme a botsa moamohedi wa baeti e motjha hore na dintho di ntse di ya jwang?

    Ho ke ke ha ba le hakollo ya tshohanyetso ha o tloha ho boemo bo matla.

    Ke boikarabello ba hao ho ngola mosebetsi le ho o beha matsohong a motho ya tla o etsa. Etsa sohle se matleng a hao ho etsa hore motho e mong a kgone ho etsa mosebetsi oo. Hobane o ka ba le bonnete ba hore haufinyana motho e mong o tla tla mme a nke mosebetsi hantle.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape