Let us know how it is going
3.‎1 BALA SEHLOOHO

Dipalo-Palo — Ke Eng

Dipalo ke eng? Dipalo ke nomoro kapa tjhelete e bapiswang le nomoro ya mojaki kapa palo ya di-dintho tse tswanang. Dipalo-Palo di supa bongata ba mosebetsi o entsweng kapa boleng ba wona ka tjhelete.

Dipalo tse tlase di bolela hore nomoro ya hajwale e tlase ho feta kamoo e neng e le ka teng.

Dipalo tse hodimo di bolela hore palo ya hajwale e feta kamoo e neng e le ka teng.

Kerafo ke (setshwantsho se bonolo) se bontshang kamona dipakeng tsa dipalo-palo tse pedi kapa ho feta.

Ho ngola ditshwantsho le ho bala dikerafo ho bohlokwa haholo ketsahalong efe kapa efe. Sena se bonolo haholo ho feta kamoo se hlahang ka teng.

Mekgatlo e atlehileng le dihlopha di sebedisa dipalo-palo. Tsena di bontsha haeba basebetsi kapa sehlopha se sebetsa kapa se sa sebetse, kaha mosebetsi o fella ka dipalo.

Mohlala, haeba lebenkele la bohobe le baka mahobe a 2,000 bekeng e le nngwe le mahobe a 1,500 bekeng e hlahlamang, khamphani eya theha mme ena ke taba e kotsi. Haeba e etsa 2,000 bekeng ya pele le 4,000 bekeng e hlahlamang, e sebetsa hantle ebile ya hola.

Dipalo-palo di fa motho setshwantsho se nepahetseng sa hore na motho, mokgatlo kapa sehlopha se sebetsa jwang.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape