Let us know how it is going
6.‎1 BALA SEHLOOHO

Maemo

Ho fihlela L. Ron Hubbard a fumana Boemo ba Difomula, batho ba neng ba sa tsebe letho ka melao ya tlhaho e amanang le boemo bo teng. Hape ba ne ba sa tsebe hore na difomula tse nepahetsenge e epapisitswe le melao, eo e leng mehato eo o ka e sebedisang ho ntlafatsa boemo bofe kapa bofe.

MAEMO

Maemo a Hoba Teng

Motho, kapa mokgatlo esita le karolo ya mokgatlo kaofela di feta dibakeng tse fapaneng tsa maemo a teng.

Tsena, haeba di sa sebetswe hantle, di tlisa ho fokotseha (ho fokotseha hwa boholo ba ntho e itseng), ho se thabe haholo, ho tswenyeha e sita le lefu.

Haeba di sebetswa hantle di tlisa botsitso, tshusumetso, katoloso ya boiketlo (bophelo bo botle le thabo).

Maemo ana, a hlophisitswe ho tloha hodimo ho isa tlase, a:

Matla

Phetoho ya Matla

Borui

Tshebetso e Tlwaelehileng

Tshohanyetso

Kotsi

Ho sa Pheleng

Molato

Belaela

Sera

Bofetohedi

Pherekanyo

Boemo bo bong le bo bong bona le letoto la mehato eo, haeba e latelwa, e ka fetolang boemo boo hore bo be betere.

Fomula e nngwe le e nngwe e etswa ka tatellano e nepahetseng.

Mehato ena e bitswa Fomula ya Boemo.

Lentswe fomula le bolela mokgwa o itseng o sebedisetswang ho fihlela ntho e itseng.

Fomula e nngwe le e nngwe ya Boemo e o isa hodima ho fomula e latelang.

O ka sheba karolo efe kapa efe ya bophelo ba hao mme, o sebetse hantle kapa hampe, fumana hore na o ho boemo bo fe.

Ha o etsa methati ya fomula ya boemo boo, o ka ntlafatsa karolo eo ya bophelo ba hao.

Ha o kenya Fomula ya Boemo ebe o fetela boemo bo latelang mme o sebedisa fomula, sena se bitswa ho nyolla maemo.

Maqephe a latelang a na le tlhaloso ya boemo bo bong le bo bong hammoho le fomula ya bona.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape