Let us know how it is going
7.‎1 BALA SEHLOOHO

Boemo ba Ho sa Pheleng

Ho sa Pheleng ke boemo bo teng ha motho a sa tsebahale ka botlalo ke batho ba bang mme ka hona ha a “yo” ho bona. Sena se ka ba hobane o qadile kamano e ntjha, mosebetsi kapa mosebetsie o meng. Mohlomong e ka ba hobane o ile a hloleha dikamanong tse teng, mesebetsi kapa mesebetsi kapa dipalo-palo tsa hae di tlwaelong yaHo sa Pheleng.

Ka ho latela Fomula ya Ho sa Pheleng otla iqalla tsela e yang katlehong.

Fomula ya Ho sa Pheleng

Fomula ya Ho sa Pheleng ke:

  1. Fumana mokgwa wa ho buisana le motho kapa sehlopha seo o hlokang hoba le buisano le sone.

  2. Iketse ya tsebahalang ho motho kapa batho.

  3. Fumana seo ba se hlokang kapa ba se batlang ho wena.

  4. Etsa, hlahisa mme/kapa o fane ka se hlokwang le se batlwang ho wena.

Motho ya batlang a nka mosebetsi khamphaning kapa ketsahalong e seng e ntse e sebetsa, hangata o nahana hore ho ka ba molemo ho itsebahatsa ka ho fetola ntho e nngwe le e nngwe. Ebile, owa tsebahala empa eseng hantle hore a ka etsa sena mme ha a na lesedi lase hlokahalang kapa se batlwang. Ka hona o baka koduwa.

Mohlala, mora o ile a nka lebenkele le tummeng la ntate wa hae ha ntate wa hae a tlohela mosebetsi. Mora o nkile qeto ya ho fetola nako eo lebenkele le bulwang ka yona, hore ba dule ba butse mantsibuya bakeng sa baithuti ba lehae. O ile a qala ho bula lebenkele ka nako ya dijo tsa motsheare. Empa, nakwana ka mora moo, o ile a fumana hore lebenkele le lahlehetswe ke bareki ba lona ba bangata khefing e haufi. O entse phoso efe? Ha a ka a fumana hore bareki ba hlokang mme ba batla lebenkele la kofi le butsweng hoseng haholo, moo ba ne ba ka reka kofi ya bona ha ba le tseleng ba ya mosebetsing! Hobane o ne a sa sebedise Fomula ya Ho sa Pheleng, lebenkele le ne le le bothateng.

Ka nako enngwe motho wa Boemo ba Ho sa Pheleng o nka hore o tseba se hlokahalang kapa se batlahalang ha e le mohopolo wa hae feela mme e se nnete ho hang mme o hloleha mosebetsing kapa kamanong ya hae.

Mme ka dinako tse ding ha a mamele le seo batho ba bang ba mo jwetsang hore sea hlokahala.

Ha re nkeng mohlala wa ho sebedisa fomula ena ka nepo.

Mosadi o qala mosebetsi o motjha o sebetsa keretjheng ya tlhokomelo ya bana ba banyenyane. O fumana hore mokgwa o motle wa ho bua le batswadi ke ha ba lata bana ba bona qetellong ya letsatsi, kaha ba potlakile haholo hoseng. O itsebisa ho motswadi e mong le e mong mme o ba botsa hore na ho hlokahala eng le hore na ba batla eng. Batswadi ba etsa hore a tsebe hore ntho ya mantlha ke polokeho ya bana, le hore bana ba ithutang dintho tse ntjha. Ba boetse ba batla hore bana ba bona ba thabe le ho ithabisa. Mosadi o boetse a botsa monga keretjhe hore na o hloka eng le hore o batla eng, mme mookamedi wa hae o hatella dintho tse tswanang hantle.

Jwale mosadi o qala ho sebetsa ka thata ho “phetha” dikopo tsena. O hlokomela haholo polokeho ya bana mme letsatsi le leng le le leng o ruta bana dithuto tse ntjha tsa boithabiso. Bana ba natefetswe ke sena mme ha batswadi ba ba bokella letsatsi ka leng, ba fumana bana ba bona ba thabile ebile ba le motlotlo. Nakwana ka mora moo batswadi ba bolella metswalle ya bona ka keretjhe e ntle mme o fumana moputso o phahameng ho mookamedi wa hae. O atlehile ho sebedisa Fomula ya Ho sa Pheleng!

Ho atleha kamanong e ntjha, tshebetso kapa sehlopha se hloka hore o latele mehato ya Fomula ya Ho sa Pheleng ebe o latela fomula e latelang—enngwe ka mora enngwe.

Fomula ya Ho sa Pheleng e ka sebediswa eseng ke motho feela, empa hape le ke sehlopha, le mokgatlo esita le naha yohle.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape