Let us know how it is going
10.‎1 BALA SEHLOOHO

Boemo bo Tlwaelehileng

E tlwaelehileng ke boemo ba moo motho a nang le keketseho kgafetsa kapa butle-butle le ntlafatso tlhahisong yo hae kapa tjhelete. Sena se sebetsa dikarolong tsohle tsa bophelo ba motho. Haeba dikamano tsa motho le ba lelapa la hae kapa batho bao a sebetsang le bona ba dula ba ntlafala, ho ka thwe bona ke Boemo bo Tlwaelehileng ho lelapa kapa batho bao a sebetsang le bona.

Mokgwa o Tlwaelehileng

Motho o sebedisa Mokgwa o Tlwaelehileng ha:

  • Bophelo ba hae bo ntse bo eketseha ka mehla kapa butle-butle.
  • O phethile Fomula ya Maemo a Tshohanyetso mme o nyolohetse ho Boemo bo Tlwaelehileng.

Mokgwa o Tlwaelehileng ke:

  1. Se fetole letho. Tsela eo o bolokang keketseho ke hore ha o fetole letho.

  2. Melao ya boitshwaro e bonolo haholo.

    Ho Boemo bo Tlwaelehileng, o fetohile setho se hlahisang le se kenyang letsoho ho khampani ya hao, sehlopha kapa lelapa. Ba nahana hore ha o hloke hore ba bang ba o laye.

  3. Nako le nako ha o ba le keketseho karolong e itseng ya bophelo ba hao, e shebe ka hloko mme o fumana hore na e e ntlafaditswa ke eng. Ebe o etsa jwalo o sa tlohele (kgaotsa ho ba ntho eo esale o e etsa) seo o neng o se etsa pele. Ke tsona feela diphetoho tseo o di etsang.

  4. Nako le nako ha karolo e nngwe ya bophelo ba hao e mpefala hanyane, fumana kapele hore na hobaneng mme o e lokise.

Mme o ye kwana le kwano, o lekanya keketseho efe kapa efe le phokotso efe kapa efe. Moo eng kapa eng e mpefalang, o tla fumana hore ho na le phetoho e entsweng sebakeng seo mme o sebetsane hantle le phetoho eo ka potlako. Mme ha o fumana eng kapa eng e molemo, o mpe o fumane hore na ho ntlafala jwang mme o (matlafatse kapa o eketse) tiise seo.

Nka mohlala wa ngaka ya diphoofolo (motho ya kwetlisitsweng ya hlokomelang diphoofolo tse kulang kapa tse lemetseng). Tlwaelo ya hae ya bongaka ba diphoofolo ke Boemo bo Tlwaelehileng. Leha a butse dikgwedi tse mmalwa pejana, diphoofolo tse ngata di ntse di tliswa ho yena ke setjhaba. Tjhelete ya hae e nyolohile le diphoofolo tseo a di hlokomelang di sebetsa hantle.

Ntho ya pele eo a e etsang ha a fetole dintho. O boloka diketso tsohle tsa papatso tseo a neng a ntse a di etsa, mme sena se kenyelletsa ho tshwara semina ya mahala ya beke le beke mabapi le bophelo bo botle ba diphoofolo tse ruuweng lapeng. O sa tswa hira mosebeletsi wa hae wa pele mme a kenya tshebeletso ya mohala wa tshohanyetso, e tsebahalang haholo. Ha a fetole diketso tsena.

O latela melao yohle ya ho etsa tlwaelo mme o hlokomela phoofolo e ngnwe le e nngwe eo a e bonang. Ha a hloke tawo hotswa ho batho ba bang. Kahoo melao ya boitshwaro e bonolo.

Ka mora moo o tlameha ho latela mohato wa 3: “Nako le nako ha o na le keketseho e itseng sebakeng sa bophelo ba hao, o e shebe ka hloko mme o fumana hore na ke eng se entseng dintho di be betere. Ebe o etsa jwalo o sa tlohele seo o neng o se etsa pele. Ke tsona feela diphetoho tseo o di etsang.” O ile a sheba se bakileng keketseho ya morao tjena mme o fumana hore o ntlafaditse bokgoni ba hae kamora ho nka thupelo ya thuto ya mantsibuya. O tshwela pele ka sehlopha sa beke le beke, ntle le ho tlohela diketso tse ding.

Qetellong, ngaka ya diphoofolo e hlokomela hore ho na le sebaka se le seng feela sa tshebetso se tlase hanyane ho kerafo ya hae—palo ya phetisetso ya bareki (beng ba diphoofolo tse kgotsofetseng ba bolella metswalle hore e tlise diphoofolo tsa bona ho yena). Ha papatso e nngwe e ntse e atleha, batho ba tlase ba bolella metswalle ya bona ka yena.

O sebedisa mohato wa 4: “Nako le nako ha karolo e itseng ea bophelo ba hao e mpefala hanyane, fumana kapele hore na hobaneng mme o e lokise.” O fumana hore o ne a emisitse ho fa motho e mong le e mong monnga phoofolo ya tlileng ho tla mo bona dintho tsa papatso tsa mahala bakeng sa metswalle ya bona. Hang-hang o ile a kgutlisetsa diketso tsena mme phetisetso ya nyoloha.

O phethela ka Mokgwa o Tlwaelehileng wa bongaka ba bongaka.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape