Let us know how it is going
11.‎1 BALA SEHLOOHO

Boemo ba Borui

Borui ke bongata ba ntho (bongata bo phahameng) e tshwanang le, tjhelete, thepa, metshwalle le bophelo bo botle.

Ha o na le mola o nyolohang ho kerafo, ke Borui. Hore na e phahame haholo bekeng e le ngwe kapa ke nyoloho ka matla ho tloha bekeng ya yona ya ho qetela beke le beke, ke Borui.

Mang kapa mang ya sebetsanang le Maruo o lokela ho hlokomela hore ho hloka ho tshwarwa ka hloko ho feta maemo ohle. Hwa makatsa hore, maemo a kotsi ka ho fetesisa ka hore ha motho a sa e lemohe mme a sebedisa fomula, ditholwana di ka ba mpe haholo. E elellwe mme o e tshware ka nepo mme diphetho di ntle haholo.

Hona le mekgwa e mmedi ya Fomula ya Borui: e nngwe e sebetsa ho tsa ditjhelete mme enngwe e sebetsa diketsong tsa motho. Ya pele e fanweng ka tlase e amana le borui ba ditjhelete.

Fomula ya Borui

Fomula e sebetsang ho Borui ditjheleteng ke:

  1. Economize (fokotsa tshebediso ya tjhelete le ditshenyo dife kapa dife).

    Ebe o netefatsa, hore ha o reke letho kapa ho hira mang kapa mang ya nang le boitlamo (ditumellano tsa hore o tla lefa ho hong nakong e tlang). Emisa tshebediso ya tjhelete e sa hlokahaleng.

  2. Lefa tefo e nngwe le e nngwe. Fumana mekoloto e nngwe le enngwe o ka e fumanang kae kapa kae—eba e lefe. O batla ho theola dikoloto tsa hao ho fihlela o le haufi le zero kamoo o ka fumanang kapa hona ho theohela ho zero.

  3. Kenya tjhelete e setseng dinthong tse tla etsa hore o kgone ho phetha mosebetsi.

  4. Sibolla se bakileng Boemo ba Borui le ho bo matlafatsa.

MOHLALA WA FOMULA YA BORUI

Hare boneng hore na sena se sebetsa jwang ho bophelo. Nka motho ya rekisang dikoloi. O theha dipalo tsa borui thekisong ya dikoloi, ho rekisa dikoloi tse ngata bekeng e le nngwe ho feta bekeng efe kapa efe nalaneng ya khamphani. Ka lebaka leo mookamedi wa hae o mofa bonase e kgolo haholo.

Jwale, ha tsamaiso ena e potlakileng e le ho ya mabenkeleng ho ya reka diaparo, tse ntjha, le watjhe e ntjha le mabenyane a matle bakeng sa mosadi wa hae, o etsa bonnete ba hore ha a tswe ho sebedise tjhelete yohle ya hae. Wa tseba hore ka ho sebedisa Fomula ya Borui o tla bopa borui bo bongata.

Mohato wa hae wa pele ke ho baballa.

O nka bonase e kgolo eo a neng a sa e lebella mme o potlakela dibankeng ho boloka tjhelete. Ebe o re ho mosadi wa hae: “Re senya tjhelete kae? Re hloka ho fokotsa tshenyo.” Ka bobedi ba fumana hore ba senya tjhelete ho reka disebediswa tseo ba sa di sebediseng le ho kena mekgatlong e turang eo ba sa e yeng. Ba rera mokgwa wa ho fokotsa tshebediso ya tjheletee mme ba etsa jwalo.

Mohato o latelang ke ho lefa dikoloto ka o fela. Yena le mosadi wa hae ba thathamisa dikoloto tsohle. Ka bonase e kgolo eo a e fumaneng, ba kgona ho lefa bohle.

Jwale o sebedisa mohato wa ho qetella wa Fomula ya Borui ho fumana se bakileng Boemo ba Borui le ho se matlafatsa. Sena se hloka mosebetsi o mong o hlokolosi. Qalong o nahana hore ke “lehlohonolo feela” le rekisitseng dikoloi tse ngata mme a ke ke a hlola a di etsa hape. Empa ha a hlile a ithuta kamoo a thehileng borui, o a hlokomela hore o ne a ntse a etsa lenaneo le kgothalletsang batho haholo ho “etsa diteko ka koloi.” Lenaneo lena le ne le tlisa batho ba bangata ntlo ya dipontsho ya hae ya dipontsho mme le mofa monyetla wa ho bua le bona. Lena ke lenaneo le ileng la qala borui! O tsebisa mookamedi wa hae ka seo a se fumaneng mme hammoho ba matlafatsa “nka teko ka koloi” letsholo la ho bapatsa.

Motho wa monna e monyane o atleha ho tlatsa Fomula ya Borui mme a theha ditlholo tse ding hape. O tseleng ya Boemo ba Matla.

Ketso ya Fomula ya Borui

Ha Borui bo le teng ho ipapatisitse le dipalo tse lekanyang diketso tsa motho, mme ha e amane le tjhelete, ona ke fomula e ka sebediswang.

  1. Baballa ka ho se etse ketso e sa hlokahaleng kapa e qhalaneng (ho thusa kapa ho thusa) diketso tse sa tlatselletseng boemo ba hona jwale. Baballa tjhelete ka ho qala ditshila tsohle.

  2. Etsa hore ketso e nngwe le e nngwe e balwe mme o seke wa qeta nako o etsa diketso tse se nang thuso. Ketso e nngwe le e nngwe e ntjha ke ho kenya letsoho le ho ba mofuteng o tswanang wa ketso o kentseng letshoho.

  3. Matlafatsa dintlafatso tsohle. Kae kapa kae moo o fumaneng phaello, e boloke. Se ke wa etsa hore dintho di phomole kapa di mpefala. Se ke wa dumella dintho ho roller coaster (tsamaya ka ho nyoloha hodimo le tlase). Monyetla ofe kapa ofe wa phaello eo o nang le yona, e boloke, le ho e hlokomela.

  4. Iphumanele se bakileng Boemo ba Borui sebakeng sa heno se haufi mme o se matlafatse.

Ngwanana o sebetsa khamphaning e etsang dipopi tse entsweng ka matsoho. Ke setaki mme popi ka nngwe e kgethehile. Hangata o etsa popi e le nngwe kapa tse pedi ka beke. Leha ho le jwalo dibeke tse tharo pele ho Keresemose, khamphani e na le diodara tse ngata hoo a batlang mokgwa wa ho etsa dipopi tse leshomme tse entsweng ka matsoho bekeng eo. O ho borui diketsong tsa hae. Ha jwale, ka ho latela methati e meng le e meng ya Fomula ya Borui o kgona ho ntshetsa pele borui le tlhahiso e phahameng.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape