Let us know how it is going

Amohelehile

Ha jwale o se o ngodisitse ka katleho mme o se o ikemiseditse ho qala mohato wa hao wa pele molemong wa ho ithuta o monate le o sebetsang. Thuto e tla ho fa disebediswa tse sebetsang tsa bophelo ba hao

Thuto ena e beilwe ka mohato le mohato, ka tatellano ya ho ithuta le ho ikwetlisa eo o lokelang ho e etsa. Jwalo ka ha thuto e ikemetse ho di-logon tsa hao, o ka kena ka nako efe kapa efe ho tswela pele ka dikabelo tsa hao ho fihlela ho phethwa ka botlalo

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise.

Pherekano kapa ho sitwa ho utwisisa kapa ho ithuta ho tla KAMORA lentswe leo o neng o sa tsebe moelelo wa lona. E kanna yaba ha se mantswe a matjha le a sa tlwaelehang ao o neng o sa a utlwisise.

E nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo ntlheng yohle ya thuto ke hore ha ho mohla o lokelang ho fetisa lentswe leo o sa le utlwisiseng.

Sehloho se seng le se seng seo o se nkileng ebe hao e qete, o tla fumana hore ho na le mantswe ao o a badileng empa o ne o sa tsebe hore na a bolelang.

Kahoo ha o ntse o etsa thuto ena e lokela ho ba le bonnete, ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo.

Haeba seo o ithutang sona se ferekanya kapa o sa utlwisisi, ho tla ba le LENTSWE pejana leo o sa kang wa le utlwisisa.

Se ke wa fetela pele, empa kgutlela ho PELE o kena mathateng mme o fumane lentswe leo o neng o sa le utlwisisi ka botlalo. Kae kapa kae moo o bonang lentswe le thaletsweng mola, o ka le tobetsa mme hang-hang le tla o fa moelelo wa lentswe leo.

Ha o ntse o tswela pele thutong, o ka tobetsa hape lethathamong le ka hodimo ho leqepe le leng ka leng la thuto eo ho yona e reng "Ditlhaloso" (e leng lenane la mantswe le seo ba se bolelang) mme e tla o isa lenaneng la mantswe a sebedisitsweng ha o le thutong ho fana ka moelelo wa e ka mong.

Haeba o sa fumane lentswe leo o le batlang le thathamisitswe lethathamong, fumana bukantswe e bonolo mme o shebe moelelo wa yona moo.

Re ya o Amohela ho Thuto ya Intharnet ya Melao ya Boitshwaro le Maemo

Ha hona motho lefatsheng ya sa iphumaneng ka hara boemo bo bobe ka nako e nngwe ka bophelo ba hae. Mohlomong kamano ya botho e senyeha ka tshohanyetso, o na le bothata ba ho lefa dikoloto tsa hae, kapa kgwebo e mathateng.

Keletso e tlwaelehileng kajeno ke “ho ithuta mme o hole” ho tswa boiphihlelong bo bobe. Empa seo hase thuso ebile ha se o jwetse hore na o ka etsa eng.

Hona ho thweng ha dintho di qala ho tsamaya hantle—o ka ntshetsa pele katleho ya hao jwang?

L. Ron Hubbard o ile a batlisisa mokgwa o sebetsang wa ho fumana boemo bo nepahetseng ba karolo efe kapa efe ya bophelo ba hao, mme a beha mehato e tobileng ya hore na o ka e ntlafatsa jwang.

Mekgwa ena e sebetsa hobane e ipapisitse le melao ya tlhaho ya bophelo.

Ka ditharollo tsa nnete le mehato e sebetsang o tla ithuta yona ho thuto ena, o tla ba le disebediswa tsa nnete tsa ho ithusa, hammoho le metswalle, lelapa la hao, kgwebo ya hao esita le setjhaba sohle sa heno.

Tlhokomediso ya Bohlokwa

Ha o etsa thuto ena, etsa bonnete ba hore ha o fetise lentswe leo o sa le utlwisiseng ka botlalo. Lebaka feela leo motho a tlohelang ho ithuta ka lona kapa a ferekana kapa a sa kgone ho ithuta ke hobane o fetile lentswe leo a neng a sa le utlwisise. Di sa le teng

1.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Pholoha le Melao ya Boitshwaro

Ho pholoha ke ketso ya ho tswelapele ho phela kapa ho phela.

Motho a ka phela kapa a ka inehela (hloleha kapa ho shwa) ho itshetleha ho latela bokgoni ba hae ba ho fumana le ho tshwara tjhelete, matlotlo kapa thepa eo a e hlokang ho phela.

Tshireletso ya mosebetsi o motle, ka mohlala, e bolela bonnete ba hore o tla phela hantle. Motho ya iphedisang hantle a ka kgona ho reka diaparo tse ntle kgahlano le maemo a lehodimo, lehae le betere, kalafo ya hae le ba lelapa la hae, dipalangwang tse ntle le tlhompho ya metswalle ya hae. Dintho tsena tsohle di thusa ho phela.

Melao ya boitshwaro ke ho ithuta ka maitshwaro a nepahetseng a fosahetseng le dikgetho tse ikgethang tseo motho a di etsang ka bophelo ba hae kapa ha a sebetsana le batho ba bang.

Melao ya boitshwaro hape ho bolela diketso tseo motho a di nkang tseleng ya hae ho fihlela pholoho e phahameng bakeng sa hae le ba bang.

Motho e mong le e mong o na le bokgoni ba ho phela. Hore na o etsa sena hantle hakae ho latela hore na o sebedisa melao ya boitshwaro hantle hakae ho bophelo ba hae.

Melao ya boitshwaro e teng bakeng sa motho ka bo yena.

E teng ho fa motho tsela ya ho eketsa pholoho ya hae le ho itokolla ho fokotseha (ho tswelang pele ho mpefala) lefatsheng la kajeno.

Taba yohle ya melao ya boitshwaro ke ya, setshaba se seng se le maemong a jwale, se seng se batla se lahlehile.

Melao ya boitshwaro e hlile e sebeletsa ho filhela boemo bo phahameng ka ho fetisisa ba ho pholoha bakeng sa motho, lelapa la hae, dihlopha tseo a leng karolo ya tsona, Moloko wa batho le dikarolo tsohle tse ding tsa bophelo.

Tharollo ya bothata bofe kapa bofe e ka ba tharollo e tlisitseng melemo e meholo dikarolong tsohle tsa bophelo ba hao.

Thorallo e futsanehileng ka ho fetisisa e ka ba tharollo e tlisitseng kotsi e kgolo dikarolong tsohle tsa bophelo ba hao.

Melao ya boitshwaro ke diketso tseo motho a di nkang ho iphidisa ka tsona le ba bang. Diketso tsa boitshwaro ke diketso tsa pholoho. Ntle le tshebediso ya melao ya boitshwaro re keke ra phela.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape