Let us know how it is going
19.‎1 BALA SEHLOOHO

Boemo ba Pherekanyo

Boemo bo tlase ka ho fetesisa ke Boemo ba Pherekano.

Ho Boemong ba Pherekano, motho kapa sebaka se tla ba maemong a ho sisinyeha ho sa rerwang. (Ha ntho e sa hlophiseha ha e laolehe ebile ha ya rerwa.) Ho Boemo ba Pherekano, ho ke ke ha ba le tlhahiso ya nnete, empa feela pherekano kapa hose utlwane.

Bakeng sa ho tswa ho Pherekano, motho o tlameha ho fumana hore na o hokae.

Fomula ya Pherekano ke:

Fumana moo o leng teng.

Hlokomela: Ho bolokwa hore motho ya ferekaneng a hlakiswe ka tlhaloso ya pherekano. (Sena se etswa pele fomula e qala.)

Ditlhaloso:

  1. Maemo afe kapa afe a bonahalang a se na tharollo hanghang.

    Ka ho pharaletseng:

    Pherekano ke motsamao o sa rerwang.

    Haeba o ne o ka ema ka hara sephethe-phethe se seholo, o ne o ka ikutlwa o ferekane ke modumo ohle wa molodi o o potileng. Haeba o ne o ka ema sefefong se matla se nang le makgasi le dipampiri tse fofang haufi, o ne o ka ikutlwa o ferekane. Pherekano ke pherekano ha feela dikotwana tsohle di ntse di tsamaya. Pherekano ke pherekano ha feela ho se karolo ya yona e hlaloswang hantle kapa e utlwisiswang.

    Batho ba kgonang ho laola “botsitso” ba ka sebetsana le pherekano. Batho ba sa kgoneng hoba le taolo dintho ehlile ba bopa pherekano.

  2. Pherekano yohle, ke phallo e se nang mokgwa (ka tsela e hlophisehileng kamoo e hlophisitsweng ka yona). Dikarolo tse amehang pherekanong diya thulana, di tlohelane mme di dule sebakeng seo. Hona le sehlahiswa, ho ba le sehlahiswa hona le ho hong ho tlameha ho phalla out.

Mohlala, nka monna ya lokisang dikoloi o ka hara Boemo ba Pherekano. Ha a fumane dikarolo tse ntjha tsa koloi hobane setsi sa hae sa pokello ya dintho hase fumanehe hantle, ha a kgone ho fumana sesebediswa sa hae kapa le hamore ya hae hobane ha a tsebe hore na o di behile kae. O tlotsitse oli hohle pampiring ya hae kahoo ha a tsebe se lokelang ho etswa ka dikoloi tse lebenkeleng la hae. Ha hona dikoloi tse lokiswang le ho kgutlisetswa ho bareki.

Ke mohlala o mong hape, mosebeletsi wa ofisi o ho Boemo ba Pherekano o etsa hore ketso ya ho ngola lengolo e nke matsatsi a mabedi ho fapana le metsotso e leshome le metso e mehlano. O roba khomphuta ya hae, ha a fumane pampiri, printa ha ena enke, o lahlehelwa ke aterese ya motho mme o tlameha ho reka ditempe tse ngata. Kgabareng, ha ho lengolo la hae le tswang hobane o ntse a leka ho romela la pele.

Fomula o eketsehileng ya Boemo ba Pherekano ke:

  1. Amohela Locational la hao sebakeng seo o leng ho sona.

  2. (Locational e etswa ka ho tsamaya le motho, kahare le kantle, mme ore: “Sheba ntho [eo].” Ha motho a entse jwalo mo acknowledge ka ho “Keya Leboha” kapa “Ho Lukile” kapa “Ke Hantle.” Sebedisa dintho tse jwalo ka setulo, sefate, koloi, siling, ntlo, jwalo-jwalo. Motho ya tsamaisang Locational o tla supa ntho eo nako le nako. E etswa feela ho fihlela motho a kganya mme a hlokomela ho hong kapa a ba le kutlwisiso e ntjha ka bophelo ba hae.)

  3. Ho bapisa moo o leng teng le dibaka tse ding moo o neng o le teng pele.

  4. Pheta mohato wa 1.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape