Let us know how it is going
2.‎1 BALA SEHLOOHO

Ha ho Letho le Dulang le Tshwana

Ha ho letho bakahohleng bona le dulang le tswana. Dintho di ka ntlafala kapa tsa mpefala. Di ya nyoloha kapa dia theoha.

Haeba o siya koloi e pakile ka thoko ho tsela mme o sa e kganne kapa ho e hlokomela, ha nako e ntse eya koloi eo e keke ya tsamaya mme qetellong ya swahlamana.

Nka mohlala o mong—sefate. Se ntse se hola kapa se shwa butle.

Le dintho tse bonahalang di sa fetohe jwalo ka lebota la ditene, ha di ka tlohellwa nako e telele, qetellong di tla putlama le ho wa.

Taba ya hore ho na le ntho e ntseng e ntlafala kapa e ntseng e mpefala ke karolo ya bophelo ka bo bona.

Ha ho na taba hore na ntho ke eng—hore na ke koloi, lebota kapa eng kapa eng ho seng jwalo—tsohledi dula di le maemong a ho ba teng.

Ho phela ho bolela hore bong boya phela kapa ba shwa. Ke tsela eo motho kapa ntho e leng ka yona.

Maemo a boteng a bitswa maemo.

Ka mokgwa o tshwanang, motho o dula a le maemong a itseng, kapa ho boemo bo itseng. Boemo ba hae bo ntse bo ntlafala kapa bo ntse bo mpefala.

Maemo a sebetsa hape ho dihlopha. Ekaba lelapa la hae, molangwana kapa sehlopheng seo a leng ho sona, kgwebo ya hae, kereke ya hae, jwalo-jwalo. Sehlopha se ka ba sa boholo bofe kapa bofe, ho tloha ho se senyane ho isa ho se seholo haholo. Mme dihlopha tseo motho e leng karolo ya tsona di dula di le maemong a itseng. Hoya pele, boemo ba sehlopha seo bo ntse bo ntlafala kapa bo mpefala.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape