Let us know how it is going
20.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Sebediswa Maemo

Ntho ya bohlokwa eo o lokelang ho e tseba ke hore difomula tsa maemo di teng.

Ke karolo ya ketsahalo efe kapa efe. Mme jwale ha di se di tsebahala di lokela ho latelwa.

Ho latela difomula tsa boemo ho nka monyetla o ka etsang diperesente tse 90 ho tswa kgwebong kapa ho sebetsana le ditjhelete tsa hao.

Ho hlile ho latela hore na o ahlola hantle hore na o sebedisa boemo bofe le hore na o sebedisa matla a makae ho etsa mohato o mong le o mong wa difomula.

Ha o etsa fomula hantle, e ya sebetsa.

Eya sebetsa ho tshwarehang kapa tjhe e sebediswang ka bothoto ha feela moralo o nepahetseng o sebediswa mme tatellano e nepahetseng ya mehato e nkuwa.

Kamoo o leng bohlale kateng ha o sebedisa difomula ho tla hlaha ka lebelo la ntlafatso kapa katoloso. Tshebediso e bohlale haholo ya difomula e tla hlaha ka bosiu bo le bong, katoloso e matla. Tshebediso e bobebe (ho nahana kapa ho ba bohlale) ya difomula, ha feela di entswe ka nepo, di tla hlaha butle.

Ka mantswe a mang, ha ho motho ya lokelang hoba le bohlale bo felletseng ba ho di sebedisa kapa ho lora (ho bopa kapa ho iqapela) mehopolo e hlokahalang ho tsona. O tlameha feela ho ahlola ka nepo hore na ke boemo bofe boo o ka bo sebedisang, ebe o sebetsa ka tjheseho le bokgoni ba ho sebetsa ho etsa mehato ka tatellano e nepahetseng.

Ha mehopolo e kganya haholwanyane, katoloso e potlakile, ke phetho. Katoloso kapa ntlafatso e tla etsahala.

Leha ho le jwalo, haeba lerootho le kenyelletsa ho mehato e sa hlokahaleng, jwlae o kanna wa hloleha.

Mme haeba o sethoto hoo o etswang kahlolo e fosahetseng ya hore na o ka sebedisa boemo bofe mme o sebedise fomula e fosahetseng hape e sebediswa ka methati e sa hlophisehang ka nepo, o tla lokela ho hloleha!

Ntho e nngwe eo o lokelang ho e tseba ke hore maemo ana a tshwana le hore na a sebediswa ho naha yohle, le mokgatlo, le karolo ya mokgatlo, lelapa kapa motho a le mong.

Ntho ya ho qetela eo re lokelang ho e tseba ke hore ho tseba difomula ho jara boikarabello ba ho di sebedisa—hobane ke tsona difomula. Mme di sebetsa jwaloka boselamose.

Haeba difomula tsena di sa tsejwe kapa di sa sebediswe, katoloso e ka ba teng ka monyetla kapa lehlohonolo kapa ho sa tsotelehe maikutlo a hao a matle hakae.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape