Let us know how it is going
14.‎1 BALA SEHLOOHO

Ho Tlatsa Difomula tsa Maemo

Difomula tsa Maemo di phalla, e nngwe ho enngwe, ka mohato ona wa pele wa fomula e le ngwe ho latela mohato wa ho qetela wa fomula e fetileng.

Empa o etsa eng haeba kerafo ya dipalo e bontsha hore o fetisitse boemo pele o ba le monyetla wa ho qeta fomula? Na o lahla fomula eo feela ebe o qala e latelang? Karabo ke “Tjhe.” O tlatsa fomula eo o e qadileng.

Ka mohlala, nka hore motho e mong o etsa Fomula ya Kotsi. Pele a tlatsa fomula eo, dipalo-palo mosebetsing di ya phahama. Ho ka ba kotsi hore motho enwa a se qete Fomula ya Kotsi. O ntse a hloka ho etsa methati ya ho qetela ya “Hlophisa bophelo ba hao” mme “O thehe le ho ikamahanya le leano-tsamaiso le tiileng.”

Hore dipalo-palo tsa motho e mong di phahama pele a tlatsa fomula ha ho bolele hore a keke a ya ho boemo bo phahameng ka ho fetesisa dipalo-palo tsa hae. Leha ho le jwalo, e tla ba phoso e mpe ho se phethele mehato e sa sebetswang ya fomula ya pejana.

Jwale ka mohlaleng o ka hodimo, motho o tlameha ho tlatsa fomula, ya pejana ebe o tlatsa fomula e latelang ebe o tswelapele ho ipapisitse le dipalo-palo.

Ho tlatsa fomula ho bohlokwa haholo. E mong ha a rehe fomula feela. Wa e etsa le ho e qeta.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape