Let us know how it is going
9.‎1 BALA SEHLOOHO

Boemo ba Tshohanyetso

Tshohanyetso ke boemo bo sa fetoheng kapa mmuso moo ho nang le kenyelletso e fokolang ya ho mamela jwalo ka ha ho bontshitswe ho kerafo.

Haeba lekeno la khamphani le dula le le jwalo kapa le fokotseha hanyane, seo ke Boemo ba Tshohanyetso. Motho eo moputso wa hae o dulang o tswana kapa o fokotsehileng butle ka naka a ka ba ho Boemo ba Tshohanyetso.

Fomula ya Maemo a Tshohanyetso

Motho o sebedisa Fomula ya Maemo a Tshohanyetso ha:

  • Bophelo ba hae kapa karolo e nngwe ya bona e dula e le jwalo kapa ya fokotseha.
  • O sebedisitse Fomula ya Kotsi mme a nyolohela ho Boemo ba Tshohanyetso.

Fomula ya Maemo a Tshohanyetso ke:

  1. Kgothaletsa. (Ho kgothalletsa ho etsa dintho ho tsebahala, ho ntsha dintho, ho etsa hore o tsebahale, o hlahise sehlahiswa sa hao.)

    Mokgatlo kapa khamphani e ho Boemo ba Tshohanyetso (lekeno le sa fetoheng kapa le fokotsehang) e tlameha ho kgothaletsa. Ha khamphani e se na tjhelete, ho sebedisa tjhelete papatsong ho ka utlwahala e le ntho ya ho qetela ho e tswa. Empa, ha e le hantla, khamphani e tlameha ho kgothaletsa kapa e ke ke ya fumana kgwebo e ntjha.

    Jwaloka motho ka mong o tlameha ho hlahisa.

    Hlahisa ho bolela ho etsa kapa ho phethela ntho e nngwe e nang le thuso kapa ntho ya bohloko. Mohlala, motaki o ne a kenya dihora tse eketsehileng mosebetsing ebe o phethela ditshwantsho tsa hae ka botlalo.

  2. Fetola metheo ya hao ya tshebetso (tsela kapa mokgwa wa ho etsa dintho).

    O tlameha ho fetola tsela eo o etsang dintho ka yona hobane ke sona se o lebisang ho Boemo ba Tshohanyetso.

  3. Baballa.

    Sena se bolela hore o fokotsa ditshenyehelo mme o sebedisa tjhelete e nyane.

  4. Itukisetse ho fana ka tshebeletso.

    Sena se bolela ho ikemisetsa ho fana ka dihlahiswa tseo o di hlahisitseng mohato wa 1 wa fomula ena.

  5. Laya haholwanyane.

    Sena se ka bolela feela hore o se ke wa tswa bosiu bo bong le bo bong, o sebetse kgafetsa mosebetsing, o sebetse ka thata, o se ke wa tswa haholo haholo, o se etse diphoso tse ngata. Tsena tsohle ke karolo ya ho lawa haholwanyane.

Ha re shebeng mohlala wa khamphani e sebedisang Fomula ya Maemo a Tshohanyetso. Lebenkele la dipalesa le ba le dipalo-palo tsa tshohanyetso. Ba rekisa dipalesa le dimela tse fokolang hanyane ho feta kamoo ba neng ba le di dikgweding tse fetileng mme kgabareng rente eo ba e hlokang ho lefella lebenkele e nyolohile. Ka sebele ena ke tshohanyetso.

Ho sebetsana le sena, hanghang ba qala ho kgothaletsa! Ba bopa pontsho e hohelang-mahlo ya fensetere, mme ba pente pontsho ya bona botjha ho hohela sephethe-phethe. Letsatsi la Baratani le ntse le atamela, kahoo ba beha papatso koranteng ya lehae mme ba romella lengolo le hopotsang batho ho fana ka dipalesa e le dimpho. Motho e mong le e mong ya kenang ka lebenkeleng o fuwa karete ya kgwebo e hohelang. Ba bile ba tshwara ketsahalo ka lebenkeleng, ba mema batswadi hore ba tlise bana ba bona ho tla ithuta mabitso a dipalesa tse fapaneng.

Se latelang, ba tlameha ho fetola metheo ya bona ya tshebetso. Ba fumana hore dipalesa tse ka lebenkeleng di shwa kapele kaha esale ba sa dife metsi a lekang. Sena ke sona se boletseng Boemo ba Tshohanyetso. Motheo wa tshebetso o fetotswe mme e mong wa basebetsi o abelwa ho fa dipalesa tsohle metsi, a hlwekileng nako le nako ha ho hlokahala.

Jwale, ba tlameha ho boloka tjhelete. Basebetsi bohle ba hlokomela ho boloka tshenyo efe kapa efe. Monnga lebenkele o kgaotsa ho senya tjhelete maetong a hae a theko e boima a kgwedi le kgwedi ho ya mabenkeleng a dipalesa ho potoloha le naha.

Hona jwale ba tlameha ho itokisetsa ho fana ka tshebeletso. Monnga lebenkele le basebetsi ba hae ba dula ba phathalane ba etsa dipalesa tse ngata tse ntle tse loketseng bareki hore ba ka di reka. Ba bolokella dipalesa le dimela tse tsebahalang haholo.

Qetellong, basebetsi ba laelwa ke monga lebenkele hore ba be le kgalemelo. E mong le e mong o fihla mosebetsing ka nako mme ba kgaotsa ho nka kgefu e eketsehileng ya kofi. Ba boetse ba qala ho fiela fatshe le ho hlakola dikhaontara kgafetsa ka letsatsi, e le ho hlwekisa makgasi a shweleng. Mme ho fapana le ho dula hohle ha bareki ba tloha ka lebenkeleng ka merwalo e boima, ba thusa ho isa dipalesa tsa bona koloing ya bona ha ho hlokahala.

Lebenkele la dipalesa le se le qetile Fomula ya Maemo a Tshohanyetso jwalo ka ha e bontshitswe mo dipalo-palo tsa pele.

HLOKOMELA: E le hore o tswele pele, o tlameha ho tlatsa mehato yohle e fetileng thutong ena. Mohato wa hao wa ho qetela o safellang ke
HLOKOMELA: O bile le dikarabo tse mmalwa tse neng di fosahetse. E le hore o tswele pele, o lokela ho bala sehloho seo hape le ho leka kutlwisiso ya hao hape